Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:17 - BIBELE

17 “Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:17
24 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao.


“Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.


Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ”


Hoba moporofeta Hananiya a robe joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:


Ka baka lena, Morena o bua tjena: ‘Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena!’ ”


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: ‘Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona.


‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Kaha o ngoletse setjhaba sohle sa Jerusalema, wa ngolla le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, wa ngolla le baprista bohle, wa re:


Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda.


Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”


Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria.


Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.


Amose o bua tjena: “ ‘Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.


Ka bona Morena a eme pela aletare, a re: “Pshatla hlooho tsa ditshiya, dikosene di sisinyehe, mathule a pshatlehele hodima hlooho tsa bohle, masalla wona ke tla a bolaya ka sabole; ha ho le ya mong ya tla baleha, ha ho le ya mong ya tla phonyoha.


“Ruri Morena wa mabotho o tadimile mmuso ona o kgopo. Ke tla o timetsa hodima lefatshe lohle, empa ntlo ya Juda nke ke ka e timetsa kaofela,” ho rialo Morena.


Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.


Ke tla bokella ditjhaba tsohle ho tla lwantsha Jerusalema; motse ona o tla haptjwa, matlo a lobelwe, le basadi ba betwe. Halofo ya baahi ba motse e tla thopuwa, empa masalla a bona a tla nne a be teng motseng ona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos