Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:1 - BIBELE

1 Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:1
6 Referencias Cruzadas  

Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


Sena ke seo Morena Modimo a ileng a mpontsha sona: Ha ho se ho hetswe karolo ya jwang, eo e leng ya kgosi, jwang bo qala ho hloma hape, Morena a hlahisa boiyane ba ditsie.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Sena ke seo Morena a ileng a boela a mpontsha sona: Morena Modimo o ne a itokisetsa ho tla ahlola ka mollo, mme mollo o ile wa pshesa madiba a mawatle, wa tjhesa naha.


Morena a boela a mpontsha sena: Morena o ne a eme pela lerako le hahilweng hantle, le otlolohileng jwaloka kgwele e lekanyang, e neng e le letsohong la hae.


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos