Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 2:6 - BIBELE

6 Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!

Ver Capítulo Copiar




Mikea 2:6
21 Referencias Cruzadas  

Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.


Morena o le tliseditse sephume sa boroko, o le tutubaditse, lona baporofeta, o le kgurumeditse dihlooho, lona dinohe.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.


“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.


Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


“Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.


O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.”


Jwale he, utlwa seo Morena a se bolelang. Wena o re: “ ‘O se ke wa porofetela Iseraele, thutong ya hao o se ke wa nyatsa ntlo ya Isaka.’ ”


Ho baporofeta bana Morena o re: “Ka baka leo, bosiu bo tla le aparela, bo le aparele, le se ke la bona dipono, le aparelwe ke lefifi, le bonohe bo fele, tsatsi le dikele, baporofeta ba phirimelwe, ho bona motsheare e ke fifi le letsholetsho.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos