Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 7:15 - BIBELE

15 Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Amose 7:15
15 Referencias Cruzadas  

“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.


Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang.


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”


Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”


“Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.”


Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos