La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 2:4 - BIBELE

“Diqha tsa bahale ba dinatla di robehile, ba kgothometsehileng ba boetse ba matlafaditswe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Diqha tsa dinatla di robehile; ba tetemang ba tlamilwe letheka ka matla a hae.

Ver Capítulo



1 Samuele 2:4
16 Referencias Cruzadas  

Ke a di hlathaka, di sitwa ho tsoha, di wela tlasa maoto a ka.


Sabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo, diqha tsa bona di tla robeha.


hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


Motlotlwane wa hae o Salema, leaho la hae le Sione.


Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


O matlafatsa ba tepeletseng, ba kgathetseng o ba tsosa molota.


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala.


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.