Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 37:10 - BIBELE

10 Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 37:10
15 Referencias Cruzadas  

Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Bohle ba tla thopuwa ba tla phehletswa ka lerumo, bohle ba tla tshwarwa ba bolawe ka sabole.


empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.


Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.”


Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.


Ha lebotho la Bakalatiya le se le tlohile Jerusalema ka lebaka la ho tshaba lebotho la Faro,


Bakalatiya ba tla boela ba etla, ba futuhele motse ona, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.’


Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Edomo, merero eo Morena a e rerileng, a e rerela baahi ba Temana: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.


Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.


Baahi ba Babilona ba tla bolawa, topo tsa bona e be mofela hara diterata!


Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong.


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos