Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.
Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.
Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.
Mme nka eketsa ka bolela dife? Athe nka fellwa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baporofeta.