Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba neng ba kgora, ba ile ho sebeletsa dijo; mme ba neng ba lapa, ha ba sa lapa; nyopa yona e tswetse ba supileng, mme ya nang le bana ba bangata o swabile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:5
11 Referencias Cruzadas  

Mosadi ya nyopileng o etsa hore a be le ntlo, o mo nea le bana bao a thabang ka bona. Bokang Jehova!


Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.


Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.


ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela;


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.


A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.


Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.


Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos