Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.
Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.
Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.
Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.