Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.
Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”
Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala.
empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.
ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.