Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:3 - BIBELE

3 “Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:3
26 Referencias Cruzadas  

o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele, o ba thuse. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng, hobane ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho bohle;


a nke ke bewe sekaleng sa toka, Modimo a tle a tsebe ha ke na molato.


Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.


Pelo tsa bona ha di na mohau, melomo ya bona e tletse boikakaso.


Morena, ha ke ipiletsa ho wena ke se ke ka hlajwa ke dihlong, empa dihlong di ke di hlabe ba kgopo, ba kgutsiswe ka ho theolelwa Nqalong ya Bafu.


Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,


Ke itse ho baikakasi: ‘Le se ke la ikakasa,’ ho ba kgopo ka re: ‘Le se ke la kgantsha matla;


Ba a hehla, ba bua ka boikakaso, bohle ba kgopo ba a ithorisa.


Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae.


Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae.


Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.


Tsela ya ya lokileng ha e na makukuno, wena Ya Lokileng o batalatsa tsela ya hae.


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


TEKELE ke ho re: O beilwe sekaleng, mme o fumanwe o le bobebe.


“Lona le mpuile hampe,” ho rialo Morena. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o buile hampe jwang?’


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: ‘Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang?’ Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.”


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos