Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:2 - BIBELE

2 “Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:2
37 Referencias Cruzadas  

Modimo ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona, ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le mpholosang, ke seqhobo sa ka, ke setshabelo sa ka; ke Mopholosi wa ka, o mpholosa kgatellong.


Modimo ke mang, haese Morena? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?


“Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.


mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.


O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.


a re: Ke a o rata Morena, wena matla a ka.


Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Morena ke tsa nnete; yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena.


le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena?


Eba lehaha leo ke tshabelang ho lona, leo nka tshabelang ho lona kamehla; o se o laetse hore ke pholoswe, wena lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela.


Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.


Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng!’ ”


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Di ne di howeletsana, di re: “O a halalela! O a halalela! O a halalela Morena wa mabotho, fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!”


Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla.


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


“Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.


Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.


ho lehlohonolo motho eo Morena a sa tlo mmalla sebe.”


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


‘Ke tla ba patela fahleho sa ka,’ ha rialo Morena, ‘ke bone na ba tla fella kae; ke moloko o kgelohileng, wa bana ba hlokang botshepehi.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


“Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena.


“Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos