Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:1 - BIBELE

1 Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:1
37 Referencias Cruzadas  

Jwale bohle ba setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema ka thabo, ba eteletswe pele ke Jehoshafate. Ba ne ba thabile, hobane Morena a ne a ile a etsa hore ba hlole dira tsa bona.


Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.


“Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama;


Morena ke matla a ka le thoko ya ka, ke yena mopholosi wa ka.


sera sa ka sa tshoha se re: “Ke mo hlotse,” le ba ntwantshang ba thabela ho wa ha ka.


O tsositse setjhaba sa hae molota, ke seo batshepuwa ba hae ba ithorisang ka sona, bana ba Iseraele, setjhaba se leng haufi le yena. Haleluja!


a re: Ke a o rata Morena, wena matla a ka.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao.


Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang!


Jwale nna ke tla thabela Morena, ke nyakallele ho pholoswa ke yena.


Ba etsang diphoso ke tla ba ruta, ke ba rute ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.


Molomong wa ka ho tletse thoriso ya hao, le tlotliso ya hao kamehla.


Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo.


se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao.


Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao.


Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng.


Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,


Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.


Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”


Ena ke thapelo ya moporofeta Habakuke. Ke kodi-ya-malla.


nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.


O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae,


Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.


Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos