Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:4 - BIBELE

4 Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:4
19 Referencias Cruzadas  

Wena motse o tletseng meferefere! Motse wa lerata le medidietsane! Babolauwa ba hao ha ba a bolawa ka sabole, babolauwa ba hao ha ba a shwela ntweng.


Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle di be mmoho, di kgobokanngwe sa batshwaruwa ba le ka mohohlong, ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng, kamora matsatsi a mangata di nto newa kotlo.


Ba bolailweng ba tla lahlelwa kantle, topong tsa bona ho tswe bodu se nkgang phu! Thaba di be di thelle, di thelle ke madi a bona.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Morena o tla ahlola bohle ka mollo le ka sabole, bao a tla ba bolaya e tla ba boiyane.


Morena o matlafaditse dira tsa Resine ho mo lwantsha, a di hlohleletsa hore di mo tsohele matla.


Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Haeba ba ka re ho wena: ‘Re tla ya kae?’ ba bolelle, o re: ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ba abetsweng lefu, ba tla bolawa ke lefu, ba abetsweng sabole, ba tla bolawa ke sabole, ba abetsweng sekoboto, ba tla bolawa ke sekoboto, ba abetsweng bothopuwa, ba tla thopuwa.’


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela.


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos