Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe.
Yuda 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang. BIBELE Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang. Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo, le bona balori bao, ba silafatsa nama, ba nyedisa borena, ba nyefola ba tlotlehang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo, le bona balori bao, ba silafatsa nama, ba nyedisa borena, ba nyefola ba tlotlehang. |
Modimo o mpa o tseba hobane, mohla le di jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, mme le tla ba jwaloka medimo, le tsebe botle le bobe.
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
Se hlapaole morena leha e ka ba mehopolong ya hao, o se ke wa hlapaola morui leha o le dikamoreng tsa hao tsa ho robala; hobane manong a lehodimo a ka tshoha a jala tse boletsweng, dinonyana tse rurang tsa hasa mantswe a hao.
Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?
Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;
Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.
Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
Empa ya etsang wa habo hampe a nyatsa Moshe, a re: Ke mang ya o beileng morena, le moahlodi wa rona na?
Empa bontata rona ba ne ba hane ho mo utlwa; ba mo nyatsa, mme ba kgutlela Egepeta ka dipelo tsa bona,
Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.
le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.
Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.