Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; gonne tempele ya Modimo e boitshepo, e lo leng lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; gonne tempele ya Modimo e boitshepo, e lo leng lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:17
19 Referencias Cruzadas  

A tshoha, a re: Nqalo ena e tshabeha hakakang! Mona ke ntlo ya Modimo, ke monyako wa lehodimo!


Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,


Lebisetsa maoto a hao dithakong tse ntseng di senyehile. Sera se sentse hohle sehalalelong sa hao.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.


Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.


Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane.


Ke tla ba furallisetsa sefahleho sa ka; bao e leng dira ho nna ba tla silafatsa sehalalelo sa ka se patilweng; ba bohale ba tla kena Jerusalema, ba mo silafatse.


Le tla kgaohanya jwalo bana ba Iseraele le tseo ba itshelang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shwela ditshileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ya ka ya pokano e hara bona.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.


Motho ya sa hlwekang, ha a sa itlhatswe, o tla tloswa hara phutheho, hobane o silafaditse sehalalelo sa Jehova; erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang.


Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos