Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ho se be motho ya ithetsang. Ekare ha e mong hara lona a ipona a le bohlale lefatsheng lena, a e be lewatla, hore a tle a hlalefe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ho se be motho ya ithetsang. Ekare ha e mong hara lona a ipona a le bohlale lefatsheng lena, a e be lewatla, hore a tle a hlalefe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:18
29 Referencias Cruzadas  

Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.


O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Mme jwale, lona bana, nkutlweng, le se ke la ba la kgeloha ditaba tsa molomo wa ka.


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!


Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.


Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.


Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.


Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo;


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.


Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.


Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?


Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le yena.


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.


Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.


Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos