Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Etlare ha ba le isa disynagogeng, le ho babusi, le ho balaodi, le se ke la belaela hore na le tla araba jwang, kapa eng kapa eng, kapa seo le tla se bua.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Etlare ha ba le isa disynagogeng, le ho babusi, le ho balaodi, le se ke la belaela hore na le tla araba jwang, kapa eng kapa eng, kapa seo le tla se bua.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:11
14 Referencias Cruzadas  

Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.


Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong;


Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?


Mme ke mang ho lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?


Le ka baka la diaparo le belaela keng? Lemohang mokgwa oo dikgahla tsa naha di melang ka wona; ha di sebetse, ha di ohle;


Ke moo ke reng: Le se ke la belaela ka ho re: Re tla jang? kapa, re tla nwang? kapa, re tla ikapesa kang?


Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke tsietsi ya lona.


Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos