Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:11 - BIBELE

11 “Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Etlare ha ba le isa disynagogeng, le ho babusi, le ho balaodi, le se ke la belaela hore na le tla araba jwang, kapa eng kapa eng, kapa seo le tla se bua.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Etlare ha ba le isa disynagogeng, le ho babusi, le ho balaodi, le se ke la belaela hore na le tla araba jwang, kapa eng kapa eng, kapa seo le tla se bua.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:11
14 Referencias Cruzadas  

Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.”


Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?


“Hape le itshwenyetsang le ka diaparo? Ithuteng ka dikgahla hore na di hola jwang: ha di sebetse ka thata, ha di ohle,


Ha ho le jwalo, le se ke la itshwenya, la re: ‘Re tla jang? Re tla nwang? Re tla aparang?’


Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.”


A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos