Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:8 - BIBELE

8 Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ka mokgwa o jwalo, le bona balori bao, ba silafatsa nama, ba nyedisa borena, ba nyefola ba tlotlehang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka mokgwa o jwalo, le bona balori bao, ba silafatsa nama, ba nyedisa borena, ba nyefola ba tlotlehang.

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:8
23 Referencias Cruzadas  

Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela.


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”


“Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?


“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,


Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos