Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Empa Mikaele, lengeloi le leholo, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolosi, a se ke a beta pelo ho mo qosa ka puo e nyefolang, a mpa a re: Morena a o kgalemele!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa Mikaele, lengeloi le leholo, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolosi, a se ke a beta pelo ho mo qosa ka puo e nyefolang, a mpa a re: Morena a o kgalemele!

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:9
16 Referencias Cruzadas  

Davida a ya ba kgahlanyetsa, a bua, a re ho bona: Ha ekaba le tlile ho nna ka kgotso ho ntlatsa, le nna pelo ya ka e tla kopana le lona; ha le mpa le tlile ho nkeka hore le nneele direng tsa ka, leha ho mpa ho se bokgopo matsohong a ka, Modimo wa bontata rona o ke o bone, mme o re ahlolele.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.


Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona.


Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng.


Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong?


Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho tsa bona, ba re: Hela! wena ya qhaqhang tempele, ya e tsosang ka matsatsi a mararo,


A patwa naheng ya Moabe, sekgutlong se lebaneng le Bethe-Peore; empa ha ho motho ya tsebileng lebitla la hae ho fihlela letsatsing la kajeno.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


athe mangeloi, leha a re fetisa ka matla le ka boholo, ha a hlahise kahlolo e ba nyefolang pela Morena.


Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos