Yuda 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng. BIBELE Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle. Baasraak Sotho NT Jwalo ka ha Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bohlola ka mokgwa o jwalo, mme ya latela nama esele, e beilwe mohlala, e jewe ke kotlo ya mollo o sa feleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalo ka ha Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bohlola ka mokgwa o jwalo, mme ya latela nama esele, e beilwe mohlala, e jewe ke kotlo ya mollo o sa feleng. |
Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,
Ba bitsa Lota, ba re ho yena: Ba kae banna ba tlileng ho wena bosiung bona? Re ntshetse bona, re tle re ba tsebe.
Haele taba tse ding tsa Josafate, le matla ao a entseng ka wona, le kamoo a lwanneng kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?
Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.
Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.
Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?
Motho eo a ke a be jwaloka metse eo Jehova a e heletsang, a sa e hauhele; a ke a utlwe mehoo e sa le hosasasasa, le mokgosi nakong ya motshehare.
Jwalokaha ho kile ha eba mohla Modimo o ripitlang Sodoma le Gomorra, le mathoko a teng, ho bolela Jehova, ka mokgwa o jwalo, ha ho ka ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.
Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.
Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.
Ke ne ke hlahise ditshenyo hara lona jwaloka mohla Modimo o senyang Sodoma le Gomorra, mme le pholohile jwaloka lefatsa le ntshitsweng mollong; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.
Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.
Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.
Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.
Empa ka letsatsi leo Lota a tswang Sodoma ka lona, lehodimo la neswa mollo le sebabole, ba ba ba timetswa kaofela ke tsona.
le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;
mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,
ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.
Mme ba bangata ba tla ba latela bohloleng ba bona; mme tsela ya nnete e tla nyefolwa ka baka la bona.
mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;
Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.