Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa naha ya Sodoma di tla mamelleha ho feta tsa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa lefatshe la Sodoma ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa hao.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa lefatshe la Sodoma ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa hao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 11:24
8 Referencias Cruzadas  

Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Jehova Morena o re: Ke a phela! Sodoma, ngwaneno, le baradi ba hae, ha ba ka ba etsa jwalokaha ho entse wena le baradi ba hao!


Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.


Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.


Ke a le bolella hore: Ka tsatsi lela, motse oo o tla fihlelwa ke bothata bo fetisang ba Sodoma.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos