Isaia 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra. Ver CapítuloBIBELE9 Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora! Ver Capítulo |
bonang, leha ho le jwalo, ho tla siuwa teng ba phonyohileng, e leng bara le baradi ba tlang ho ntshetswa kantle; bonang, ba tla tswela ho tla ho lona, mme le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tshedisehe bakeng sa bobe bohle boo ke bo tlisetsang Jerusalema, e leng tsohle tseo ke mo tlisetsang tsona.
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.