Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:13
27 Referencias Cruzadas  

Ke yena eo e bileng setsomi sa senatla pela Jehova; ke moo ho yeng ho thwe: E ka Nimrode, setsomi sa senatla pela Jehova.


Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,


hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.


Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.


ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?


Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.


Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.


Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.


Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.


Ka mokgwa o jwalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosadi ka mokgwa wa teng, mme ba tjhesitswe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, mme ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.


Ka baka leo, sebe sa bahlankana bao se ne se le seholo haholo pela Jehova, hobane le batho ba ne ba se ba nyedisa tse beelwang Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos