Sakaria 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe. BIBELE Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.” |
Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,
Jehova a arabela lengeloi le buang le nna ka mantswe a molemo, ka mantswe a matshediso.
Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.
Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa;
Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.
Yaba ke bua le lengeloi, ka re ho lona: Mehlwaare ena e mmedi e ka ho le letona la kandelare le ka ho le letshehadi la yona keng?
Lengeloi le neng le bua le nna, la boela la hlaha, la re ho nna: Emisa he mahlo a hao, mme o bone se hlahang mane hore na keng.