Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:19
20 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Eitse ha dira tsa Juda le Benjamine di utlwa hore bana ba kgoleho ba haha tempele ya Jehova, Modimo wa Iseraele,


Yaba setjhaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a setjhaba sa Juda, le ho ba tshabisa ho haha,


Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.


Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?


Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.


Le se ke la phahamisa lenaka la lona hakalo, le se ke la bua ka bonyefodi, ka melala e sataletseng!


Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,


lona le thabelang tsa lefeela, le reng: Na hase ka matla a rona re ikentseng dinatla na?


Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.


Jwale, ka emisa mahlo a ka, mme ka bona manaka a mane.


Yaba ke re: Bana ba tlile ho etsang? Mme a bua, a re: Ao ke manaka a qhalantseng Juda, ho seng ho bile ho se motho ya emisang hlooho ya hae, mme bana ba tlile ho a tshosa, ba akgele fatshe manaka a ditjhaba tse emiseditseng lefatshe la Juda lenaka ho le qhalanya.


Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.


Yaba ke re: O ya kae! A re ho nna: Ke ya lekanya Jerusalema, ke tle ke bone na bophara ba wona le bolelele ba wona bo bokae?


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Jwalokaha ke ne ke hopole ho le etsa hampe, mohla bontata lona ba nkgalefisitseng, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke sa kang ka fetoha,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos