Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a dira tsa bona, tsa nna tsa ba tshwenya; mehleng ya matshwenyeho a bona, ba nnile ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong, mme mehauhelong ya hao e mengata wa ba nea banamoledi ba ba namolelang matsohong a dira tsa bona.
Lelala le tea selepe, le sebetsa mollong wa mashala; le se bopa ka noto, le se sebetsa ka matla a matsoho a lona; le be le lape, le fellwe ke matla; leha le sa nwe metsi, le ye le fokole hampe.
Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.