Sakaria 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Yaba ke re: Bana ba tlile ho etsang? Mme a bua, a re: Ao ke manaka a qhalantseng Juda, ho seng ho bile ho se motho ya emisang hlooho ya hae, mme bana ba tlile ho a tshosa, ba akgele fatshe manaka a ditjhaba tse emiseditseng lefatshe la Juda lenaka ho le qhalanya. Ver CapítuloBIBELE21 Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?” Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.” Ver Capítulo |
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.