Sakaria 1:19 - BIBELE19 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema. Ver Capítulo |
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”
Ka botsa, ka re: “Malala aa a tlilo etsang?” Morena a nkaraba, a re: “Dinaka tsena ke tsona tse qhalantseng Juda, hoo ho sa kang ha eba le motho ya neng a ka phahamisa hlooho. Empa malala ana a tlilo tshosa le ho diha dinaka tsena, e leng baditjhaba ba ileng ba futuhela naha ya Juda, ba qhalakanya setjhaba sa yona.”