Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 1:9 - BIBELE

9 Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 1:9
17 Referencias Cruzadas  

“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’ “Ka re: ‘Ke nna enwa!’


Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang. “Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:


Jwale Morena a kgothatsa lengeloi le neng le bua le nna, a le tshedisa.


Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”


Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.


Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.


Ka boela ka botsa lengeloi, ka re: “Difate tse tse pedi tsa mohlwaare, tse ka tsohong le letona le ka ho le letshehadi la sedulwana sa mabone, tsona di bolelang?”


Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos