Sakaria 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ke bone pono bosiu; ka bona monna ya palameng pere e kgunong; o ne a eme hara difate tsa mirte tse hara kgohlo, kamora hae ho le ba palameng dipere tse kgunong le tse phatshwa le tse tshweu. Ver CapítuloBIBELE8 Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu. Ver Capítulo |
le hore ba tshwanetse ho tumisa ka mokgosi le ka mangolo metseng yohle ya bona le Jerusalema taba e reng: Eyang thabeng, le late makala a mohlwaare o beang ole, le makala a mohlwaare wa naha, le makala a mirta, le makala a palema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, le tle le etse metlotlwane ka wona, kamoo ho ngodilweng kateng.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.