Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang. “Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:16
14 Referencias Cruzadas  

Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


a re: Dibatana tse kgolo tseo tse nne ke marena a mane a tlang ho hlaha lefatsheng.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


a ntsebisa, a bua le nna, a re: Daniele, ke hlahile jwale ho o nea kutlwisiso ya taba tseo.


Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.


Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos