ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.
Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona.
Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.