Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 4:1
12 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa tseo ka phaphama, mme ka tadima; boroko bo ne bo le monate ho nna.


A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.


Jehova a arabela lengeloi le buang le nna ka mantswe a molemo, ka mantswe a matshediso.


Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.


Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.


Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa;


Lengeloi le buang le nna la nkaraba, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka.


Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos