Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 4:2
19 Referencias Cruzadas  

A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.


ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


A etsa dikandelare tse leshome tsa kgauta, ka mokgwa wa tsona o laetsweng, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi.


mohala wa silefera o eso ho khaolwe, lampi ya kgauta e eso ho shwe, nkgo e eso ho thuhwe mohloding, lebidi le eso ho pshatlelwe sedibeng,


Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe.


hape, molaodi wa balebedi a ya le mehope, le dipane, le mafiso, le dipitsa, le dikandelare, le dijana, le mafiswana; seo e leng sa kgauta a se nka ka ho re ke kgauta; seo e leng sa silefera a se nka ka ho re ke silefera.


Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.


Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos