Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Ruthe 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse! BIBELE Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!” Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.” |
Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.
Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.
Ho hlohonolofale ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a le hlohonolofatsa, rona ba ntlo ya Jehova.
Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!
Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!
Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!
Mme ba nang le benghadi ba dumetseng, ba se ke ba ba nyedisa ka hoba e le bana babo bona, empa ba ba sebeletse haholo ke hona, hobane bona bao ba ba etsetsang hantle ke badumedi le baratuwa. Ruta taba tseo, mme o kgothatse ka tsona.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.
Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!
Jehova a re ho yena: Ruri, ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane, jwaloka hoja ke motho a le mong.
Yaba o tloha, a ya thonaka masimong, a ntse a setse ba helang morao, mme a tshoha a nepisitswe tshimo ya Boase wa lesika la Elimeleke.
Boase a eketsa a botsa mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi, a re: Morwetsana eo ke wa mang?
Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!
Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.