Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, ya hauhetsweng, Jehova o na le wena!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, ya hauhetsweng, Jehova o na le wena!

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:28
17 Referencias Cruzadas  

O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.


a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Empa yena a araba ya mmolellang, a re: Mmè ke mang, mme banabeso ke bafe?


ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria.


Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?


Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshohe, hobane o bone mohau ho Modimo.


a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.


hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Ho ke ho roriswe hara basadi Jaele, mosadi wa Hebere Mokene! A ke a roriswe hara basadi ba ahileng ditenteng!


Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!


Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos