Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.
Jwale ke re: Ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e be teng pontsheng ho wena ka ho sa feleng, etswe e le wena Morena Jehova o buileng; ntlo ya mohlanka wa hao e nne e hlohonolofatswe ka hlohonolofatso ya hao ka ho sa feleng.
Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!
Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona.
Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?
Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.