Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!
Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.
Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!
lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.