Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:25 - BIBELE

25 Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jehova a o kgantshetse sefahleho sa hae, mme a o hauhele!

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:25
15 Referencias Cruzadas  

Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”


Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao.


Tlotla ya yona e kgolo ka thuso ya hao, o e apesitse kganya le hlompho.


Ditshiu tsa ka di matsohong a hao; nnamolele diatleng tsa dira tsa ka, o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.


Ba bangata ba re: “Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang?” Oho, Morena, re phuthollele sefahleho sa hao.


Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.


Jwale ha re sa tla hlola re o furalla, ako boele o re phedise, re tle re rapele lebitso la hao.


O re entse sesosa sa ditsekisano tsa bao re ahisaneng le bona, dira tsa rona di a re soma.


Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao.


Morena a re: “Ke tla o bontsha botle ba ka bo hadimang, ke be ke phatlalatse lebitso la Morena kapele ho wena. Ke tla hauhela eo ke ratang ho mo hauhela, ke utlwele bohloko eo ke ratang ho mo utlwela bohloko.”


“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.


“Jwale lona le re: ‘A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.’ Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos