Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng.
Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba.
Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.