Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.
Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.
Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!