Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:27 - BIBELE

27 “Ba tla rapella bana ba Iseraele ka lebitso la ka, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ke ka mokgwa o jwalo ba tla bea lebitso la ka hodima bana ba Iseraele, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:27
19 Referencias Cruzadas  

Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”


Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!” Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo.


Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta?


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.


Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.


Lefatshe le bile le tjhai e kgolo, Modimo, Modimo wa rona, o re hlohonolofaditse!


Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.”


Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona!


Bona, ke laetswe hore ke hlohonolofatse; o hlohonolofaditse, mme nke ke ka fetola.


Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla elellwa hore o bitswa ka lebitso la Morena, mme di tla o tshaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos