Numere 7:1 - BIBELE1 Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha. Ver Capítulo |
Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.
Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe.