Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 7:2 - BIBELE

2 Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba marena a Iseraele, dihlooho tsa matlo a bontata bona, tseo e leng marena a meloko, a beilweng ho hlahloba ho balwa ha setjhaba, a hlahisa dikabelo tsa wona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 7:2
11 Referencias Cruzadas  

Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.


Baokamedi ba tlisa majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le a mokgabiso wa sefuba;


Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng:


Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya bona, e entseng mekgabiso eo yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos