Numere 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)23 Bua le Aarone, le bara ba hae, o re: A le ke le hlohonolofatseng bana ba Iseraele jwalo, le re ho bona: Ver CapítuloBIBELE23 “Bua le Arone le bara ba hae, o re: ‘Ha le hlohonolofatsa bana ba Iseraele, le re ho bona: Ver Capítulo |
Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.