Aarone a otlollela matsoho a hae ka nqa setjhabeng, a se hlohonolofatsa; a ntoo theoha ha a se a qetile sehlabelo sa sebe, le setjheso, le sehlabelo sa teboho.
Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.
Baprista, bara ba Levi, ba tla atamela; hobane ke bona ba kgethilweng ke Jehova, Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse le ho hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova, le hore dinyewe tsohle le dikotsi tsohle di ahlolwe ke melomo ya bona.