Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:15
22 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Bajebuse, Baamore, Bagirgashe,


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.


Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


e leng medimo ya ditjhaba tse kamathoko ho lona, leha e le tse leng haufi, leha e le tse leng hole, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe;


Iponeleng ke hona hore kajeno ho se be monna hara lona, kapa mosadi, kapa ntlo, kapa leloko leo pelo tsa lona di ka fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho se ke ha eba ho lona motso o hlahisang bore le lengana.


Ebile setjhaba se fetola, sa re: Ha re ka ke ra furalla Jehova, ra ya sebeletsa medimo esele,


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos