Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:11
24 Referencias Cruzadas  

Efrone o ne a ahile hara bara be Hethe. Efrone, Mohethe, a araba Abrahama, bara ba Hethe le bohle ba fetang ka kgoro ya motse wa hae ba ntse ba mametse, a re:


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Labane o ne a na le baradi ba babedi, lebitso la e moholo e le Lea, lebitso la e monyenyane e le Ragele.


Yare ha bo esa, Jakobo a tshoha ha a bona hoba ke Lea, mme a re ho Labane: Ke taba e jwang eo o nkentseng yona? Ha ke a ka ka o sebeletsa bakeng sa Ragele na? Ke ka baka lang ha o nkgohlisitse na?


Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.


Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.


Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.


A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.


Salma ntata Bethlehema, Harefe, ntata Bethe-Gadere.


Bona, ra na ra utlwa areka ha e bolelwa Efrata, ra e fumana naheng ya Jaare.


Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.


Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba.


Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka nka dipaki, ka lekanya silefera sekaleng.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ekare ha motho eo a sa rate ho nka mosadi wa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ho baholo, a re ho bona: Ngwanabo monna wa ka o hana ho tsosetsa ngwanabo lebitso Iseraeleng, o hana ho nketsa se tshwanelang ngwanabo monna wa ka.


mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos